BOPHELO BO BOTLE BAKENG LA BOPHELO BOHLE
HO NWA ka mokgwa o loketseng
BOPHELO BA HAO BO MATSOHONG A HAO
Bongata ba MaAfrika Borwa bo nwa jwala bo bongata ho feta motho ya boemong bo itekanetseng dinaheng tse ding lefatsheng. Batho ba bangata ba sebedisa jwala ka mokgwa o sa lokang. Ba nwa bo bongata ho feta tekano le ka mekgwa o fetang tkenao. Sena se baka mathata a mangata. Batho ba bang ba lahlehelwa ke mesebetsi ka baka la ho sebedisa jwala ka mokgwa o sa lokang. Ba bang ba a tahwa, ba be le mahahapa le ho lwana le ba lelapa, metswalle le ba leloko. Ba bang ba kudiswa ke ho nwa mme ba ka shwa le ho shwa.
Ho bohlokwa ho se nwe dino tse nang le jwala hobane di na le sethethefatsi se kotsi se ka fedinga bophelo ba hao. Ho sebedisa jwala ho ka ba le kgahlamelo e mpe lelapeng la hao. Le ha ho le jwalo, ha o nwa, o lokela ho etsa jwalo ka kelello. Bala bukana ena le ho ithuta hore o ka nwa jwang ka mokgwa o loketseng.
Sheba Dudu, ba se ba fihlile ho tla tla qetella sohle se neng se setse moketeng wa maobane wa lenyalo.
Hape Bongi ke yane? o ntse a tahilwe ke ho nwa haholo maobane!
Bongi o sebedisa sente e nngwe le e nngwe a e fumanang jwaleng? mme ka nako eo lelapa la hae le tshwareha hampe ha a ntse a nwa tjhelete eo le e hlokang bakeng la ho reka dijo, diaparo le thuto! Ha ke mohlomphe hohang.
Ho ka etsahala hore ke letahwa? o shebahala a hloka thuso ho na le hore a tshwauwe phoso.
Tshebediso e mpe ya jwala ke bothata bo boholo naheng ka bophara ya Afrika Borwa? Re hloka hore ka pele re ithute le bana ba rona hore jwala bo ka senya mmele le dikelello tsa rona jwa?. Re lokela ho laola ho nwa le ho ithuta ho nwa ka mokgwa o loketseng!
E, batho ba etsa phoso ya ho nahana hore honwa ho a o thabisa? bonnete ho etsa hore o ikutlwe o sa thaba ka mora nako mme ho etsa hore o be lekgatello ya maikutlo
Batho ba kang Bongi ba na le bohloko bo bobe bo bitswang botahwa boo ba sa kgoneng ho bo laola? ba hloka thuso ka potlako pele ho ba lata? botahwa bo ka bolaya.
Ka lehlohonolo ho na le mekgatlo e seng e thusitse batho ba bangata ba sebedisitseng jwala hampe ho kgaotsa ho nwa, le ho kgutlela bophelong bo tlwaelehileng
Ka tsela e jwalo, ba lelapa la Bongi le metswalle ba lokela ho tsa ka hohle hohle ho matleng a bona ho mo etsa hore a batle thuso ya mofuta o jwalo? ho pholosa bophelo ba hae le hore e be ntate wa makgonthe.
Afrika Borwa e lokela ho sebetsana le bothata ba jwala hona jwale? mohlomong ke nako ya ho kenyelletsa tsebiso yohle e mabapi le ho nwa dikolong
Lebitso la ka ke Dudu. Re tlilo buisana ka tshebediso ya jwala. Ho o thusa ho etsa qeto ya hore ho nwa ho lokile kapa ha ho a loka, ha re qale ka ho bua ka sephetho sa jwala.
Jwala bo ka ba le kgahlamelo e mpe haholo bophelong ba hao. Ho nwa ho feta tekano nako e telele ho ka boela ha senya mmele wa hao hampe hoo bo kekeng ba boela bo eba betere. Ke sena seo jwala ho ka sebakang:
Phepompe: Ho na le dinutriente tse mmalwa jwaleng. O ka nna wa se be le bophelo bo botle ha o nwa jwala ha ngata mme o sa je. Sena se bolela hore ha ngata o tla kula le ho kutlwa o fokola.
Tshenyo ya Kelello: Jwala bo theola monahano wa hao. Ka mora nako e telele, jwala bo tla senya mokgwa o kelello ya hao e sebetsang ka teng.
Bohloko ba Pelo: Ho nwa ho ka lebisa tshebetsong e kgolo haholo ya pelo mme wa bolawa ke bohloko ba pelo.
Kankere: Jwala bo ka baka kankere ya molomo.
Tshenyo ya Sebete: Ha o nwa ka nako tsohle, sena se tla baka tshenyo ya sebete sa hao. Jwala bo ka senya manyeme, se tlang ho baka diabetisi.
Phello ya Matla a Botona: Botona ba monna ha bo na ho sebetsa ka nepo mme o tla ba ho tsohelwa (ho tiya ha botona)
Ke tsena dintlha tse ding tse mabapi le jwala le tahlehelo ya maphelo e amanang le jwala
Bongata ba tlolo ya molao le merusu bo etsahala hobane batho ba sebedisa jwala hampe. Batho ba theohelwa ke bokgoni ba bona ba h itaola ha ba nwa.
Dikotsing tsa mebileng tsohle moo ho bang le tahlehelo ya maphelo, ho fumanehile hore bongata ba bakganni bo ne bo nwele mme ba nwele bongata bo dumellwetsweng ke molao.
Bongata ba ditaaso bo ileng ba lahlehelwa ke maphelo dikotsing tsa sephethephethe bo be bo le ka tlasa tshusumetso ya jwala.
Ditahlehelo tsa maphelo le mafu di bitsa tjhelete e ngata ya naha selemo se seng le se seng. Tjhelte ena e ka sebediswa betere thutong, bophelong bo botle kapa phumantshong ya matlo.
HO NWA KA MOKGWA O LOKETSENG LE KA BOITSHWARO
Hopola, hore dino tse fapaneng di na le maemo a fapanaeng a jwala. Ho na le yuniti ya jwala ho e nngwe le e nngwe ya tse latelang:
thoto e le nngwe ya wiski, boranti kapa sepiriti lekane la biri kgalase e le nngwe ya waene
O ka kgetha eo o batlang ho e nwa ho tsena.
Ha o a lokela ho nwa le ha e le efe ha o sa tsebe hore ho na le jwala bo bokae ka hare. Sena se ka ba kotsi!
Ho nwa ka mokgwa o loketseng kapa boitshwaro ke ha:
o nwa sebakeng sa setjhaba, mme o sa nwe diyuniti tse fetang tse pedi tsa jwala ha o nwe tsatsi le leng le le leng, ke hore, ha o etse ho nwa tlwaelo ha o kopanye dino tsa hao. O new feela mofuta o le mong wa seno sa jwala ka nako ha o new o be o kganna kapa o tsamaya
Ka mora diyuniti tse 1-2: O bua haholo le ho hlena; pelo ya hao e potlaka ho otla. Ka mora dino tse 1-2
Ka mora diyuniti tse 3: O kganna hampe; pono ya hao e nyane mme o ka nna wa tsekela hlooho. Ka mora dino tse 3
Ka mora diyuniti tse 5: O ka nna wa se bone ka ho hlaka; ha o bua, o tla tswaka mantswe a sa kopaneng; o keke wa kgona ho etsa ho hong ka pele. Ka mora dino tse 5
Ka mora diyuniti tse 8: Ha o kgone ho tsamaya ka mokgwa o tobileng mme o tla lahlehelwa ke botsitso; o ka nna wa bona ntho e le nngwe habedi. Ka mora dino tse 8
Ka mora diyuniti tse 15-20: O fufulelwa haholo mme o ka lahlehelwa ke monahano. Ka mora dino tse 15-20
Sena se o bontsha hore ha o a lokela ho diyuniti tse fetang tse pedi. Ka diyuniti tse tharo feela, boitshwaro ba hao bo a fetoha mme pono ya hao e nyane.
O seke wa nwa jwala ha o?
Le Moimana
Kgathetse
Kganna kapa o nka leeto le le lelele kapa o lokela ho tsamaya ka maoto
Nwa meriana
Ha o nwa?
O se dumelle batho ho tlatsa kgalase ya hao pele e se na letho. Ha o na ho tseba o se o nwele ha kae.
O se kopanye dino tsa hao.
Nwa mokgwa o iketlileng. Pele o nwa seno se seng sa hao, e nwa kgalase ya metsi. Sena se tla theola mokgwa o nwang ka ona.
Etsa bonnete ba hore o jele ho hong pele. O seke wa nwa ho se na letho ka mpeng.
Seke wa kganna kapa wa tsamaya. O ka mpa wa iphumanela sepalangwang se seng ho leba lapeng.
O se dumelle motho le ha e le ofe ho o qobella ho nwa ha o sa batle ho etsa jwalo.
Batjha le jwala
Ha batswadi ba nwa jwala bo bongata ho feta kenano
Maphelo a batjha a ka ba tlokotsing ka baka la tshebediso e kotsi ya jwala. Batswadi ba bona e ka ba matawa. Batjha ba ka nna le bona ka bona ba a nwa. Sena ha se na lelapa le thabileng. Re lokela ho sireletsa bana ba rona dinong tse tahang!
Motswadi eo e leng letawa a ka ba le tshusumetso e mpe lelapeng. A ka tla hae a tahuwe le lwantsha ditho tsa lelapa la hae. Motswadi ya dulang a tahuwe a ka sebedisa tjhelete yohle ya lelapa jwaleng. Sena se etsa hore lelapa le sebe le seo le ka iphumanelang dijo le diaparo ka sona, e leng ho etsang ho se be le thabo, le bophelo bo sa tsitsang ka lapeng.
Batjha ba itshwara ka mekgwa e fapaneng ha ba phela le batswadi bao e leng matawa. Ke tsena dintho tse ding tseo o ka di lebellang:
Ba ithuta ho se tshepe batho ba baholo.
Ha ba hlahisi maikutlo a bona kapa ho bolella ba bang ka mathata a bona.
Ba ka qala ho sebedisa dino tse tahang ha mpe le dithetefatsi ho leka ho fedisa kgatello ya maikutlo a bona.
Ba dula ba tshaba batswadi ba bona.
Ba ikutla ha ba jara boikarabelo ba boitshwaro ba motswadi wa bona mme ba ikutlwe ba na le molato ka baka lena.
Ha o phela le motho ya nwang ho feta tekano, sheba matshwao a latelang lelapeng la hao.
Batjha ba lokela ho tseba:
ha ba bang ? ho na le ba bang ba bangata ba nang le mathata a tshwanang le ao.
bona ba le bang ha ba na ho thusa batswadi ba bona.
ha se bona ba bakileng mathata a batswadi ba bona.
ho na le batho ba bang bao ba ka buang le bona!
Ha batjha ba sa batle ho bua le motho e mong ka hara lelapa, ngaka, mooki, titjhere kapa motswalle ka mohlomong a ka bathusa.
HA BATJHA BA ENWA
Batjha ba ithuta ka ho nwa ho ba lelapa le metswalle ya bona. Ha o le motswadi, o lokela ho se pate letho ho bana ba hao mabapi le jwale le dipheto tsena. Batjha ba tla sebedisa jwala, jwale wena, jwalo ka motswadi, o lokela ho fana ka tikoloho e bolokehileng moo ba ka qoqang le wena ka ho nwa.
Ruta bana ba hao, pele, hore ba se qale ho nwa hohang. Ha ba sebedisa dino tse tahang, ba rute mokgwa o bolokehileng le o nang le boikarabelo wa ho nwa! Sena se tla ba thusa ho etsa dikgetho tse nepahetseng!
O tseba jwang hore motho o na le bothata ba ho nwa?
Ho na le mekgwa e mengata e arohaneng eo o ka e bonang. Ke tla o thusa hore o bone hore motho a ka nna a ba le bothata ba ho nwa. Re tla etsa sena ka ho sebedisa papetla e katlase. Sheba dipotso tse papetleng. Tshwaya dikarabo tse nepahetseng. O ka nna wa se be le dikarabo bakeng la tse ding tsa dipotso, empa lekal ho fumana hore na o batla ho mo thusa na.
Mohlomong o tseba batho bao o nahang hore ba ka ba le bothata ba ho nwa. Ntle le ho tseba hore ba na le bothata ba ho laola ho nwa ha bona, o keke wa ba thusa. Potso ke hore: ?O tseba jwang hore motho o nwa ka mokgwa o se nang boikarabelo??
Tjhe
No se a nwa haholo ho feta ka moo a neng a nwa ka teng, mme tsatsi le leng le le leng?
Na o se a lwana ha a enwa?
Na o nwa hobane a tenehile, tshwenngwa le/kapa ho ba le kgatello ya maikutlo
Na o kile a ba kotsing ka lebaka la hore o ne a tahuwe?
Na o ne a ntse a sa ye mosebetsing morao tjena ka lebaka la ho tsitsipana ka lebaka la hobane a ne a nwele jwala?
Na o ba le nako e ngata ya ho nwa ho feta ho dula le lelapa?
Na o se a kile a otla motho ha a tahuwe?
Na o nwa ho feta ka moo a batlang ka teng?
Ha e ba karabo ho le ha e le afe ho mathata ana ke ?E?, o na le bothata ba ho nwa. Seke wa emela hore bothata bo mpefale.
Diketso tse ding tsa batjha
Ke lenyalo la Zinhle. Metswalle ya hae yohle ho tswa seterekeng e tlile moketeng. Ho na le dipina tse ngata, motjeko le ho nwa tse etsahalang. Sheba sebtshwantsho se katlase. Ho na le mehlala e 10 ya moo batho ba nwang ka mokgwa o loketseng. E bites. Hlalosa seo ba lokelang ho se etsa ho ba banwi tse loketseng
Dikarabo
Motho ya thekeselang; motho ya kgalehileng fatshe, motho ya dutseng ka botlolo e leng halofo ka botlalo ka pela hae; ho lwana; motho ya shebahalang a kula; mosadi wa moimana ya nwang; motho ya thekesellang koloing ya hae a tshwere botlolo; motho ya bonahalang a na le kgatello ya maikutlo; motho ya nwesang e mong jwala; motho ya fang ngwana e monyane jwala.
Ha o lakatsa ho tseba ho nwa ka mokgwa o loketseng, sheba leqephe 5-7.
Dikarabo
Motho ya thekeselang; motho ya kgalehileng fatshe, motho ya dutseng ka botlolo e leng halofo ka botlalo ka pela hae; ho lwana; motho ya shebahalang a kula; mosadi wa moimana ya nwang; motho ya thekesellang koloing ya hae a tshwere botlolo; motho ya bonahalang a na le kgatello ya maikutlo; motho ya nwesang e mong jwala; motho ya fang ngwana e monyane jwala.
b Bogata ba methamo. Botlolo e ka qetwa ka pele. 5
c Nwa mothamo mme o ipolelle hore ona ke wa ho qetela. 3
O etela motswalle. O bula botlolo ya boranti le ho ntsha dibiri. Na o:
a Nwa dino tse mmalwa. O ne o ntse o emetse sena letsheare kaofela. Ka mora dino tse mmalwa dula o ikutlwa betere. 5
b O nwa dino tse mmalwa. O tlohele ha o ikutlwa o tsekela mme monahano wa hao o batla o sa tsitsa. 3
c O nwa seno kapa tse pedi. Ha o batle ho lahlehelwa ke taolo ya mmele kapa kelello ya hao. 1
Jwale kopanya dinomoro tse ka masakaneng qetellong ka nngwe ya karabo eo o e kgethileng o be o hlahloba seo o se fumaneng.
O SEBEDITSE HANTLE HA KAE
DINTLHA
ho ya ho 8
O motho ya nwang ya nga le kelello e tjhatsi. O naha ka seo o tlang ho se nwa mme o a tseba ka diphetho tsa ho nwa. Ha o dumelle ho qobellwa ho nwa.
ho ya ho 18
Ka nako tse ding o na le kelello e tjhatsi ka mokgwa oo o nwang ka ona. Ka nako tse ding o hloka boikarabelo haholo. O lekela ho kgetha ho nwa ka mokgwa o loketseng le ho kgomarela ona! Seke wa dumella metswalle ya hao ho o qobella hore o nwe!. Sena ha se o etse hore o tume.
ho ya ho 25
O motho ya nwang ntle le boikarabelo. O nwa haholo mme o hloka ho ikutlwa o le karolo ya letshwele. Ha o tswelapele ho nwa ka mokgwa ona o ka nna wa ba dikotsing kapa dintweng. Ho hobe ka ho fetisisa, ho nwa ha hao ho tla ama bophelo ba hao hampe mme hwa senya kelello ya hao, pelo le sebetse. O lokela ho qala ho nwa ka mokgwa o loketseng, kapa hona ho nahana ka ho tlohela hohang!
Na o ka thusa
Kaofela re phela le batho ba nang le mathata a ho nwa. Re ka fetola maemo ana jwang? Re hloka ho ntlafatsa maemo hape. Ha re batle tlwaelo ena ho namela baneng ba rona.
Mme ya kgathatsehileng
Mme ya kgathatsehileng,
Ho na le thuso e fumanehang e reretsweng batho ba nang le bothata ba ho nwa. Ha o tseba motho ya nang le bothata, kopa ngaka kapa mooki wa tleliniki ho o fa lebitso la mokgatlo o ka o thusang. O ka boela wa buisana le moruti. Kgetha seo o bonang se ka o lokela ho feta tsohle empa seke wa boloka bothata bona ho wena. Ha bo na ho fela!
Ha ho na lebaka la ho buisana ka bothata ba ho nwa le motho ya seng a tauwe. Ema ho fihlela a hlaphoha. Bolella motho hore o etsa eng mme ba bang ba ameha jwang ke sona.
Ha o sa kgone ho fetola dintho, o lokela ho fumana thuso mokgatlong o sebetsang ka mathata mofuta ona tsatsi le leng le le leng. E mengata kantle mona.
Bitsa mapolesa ha motho a o teteka ha a tahuwe. Bolella moahelani le wena hore ho etsahalang hore o tle o be le sebaka se bolokehileng ha sena se etsahala. Ha dintho di sa fetohe kapa di mpefala le ho feta, o ka tlameha ho fumana lehae le leng moo o ka dulang hore wena le lelapa la hao le bolokehe. Mahlohonolo!
Thulani le metswalle ya hae ke batjha feela empa ba na le bothata bona. Ho thata ho bona ho se new. Metswalle ya bona e ba hatella haholo hore banwe. Ba qelelwa dinthong ha ba sa new. Ba bona ho le thata hore ?Tjhe?. Re ka ba thusa jwang?
Ya hlokang thuso
Ya Hlokang thuso ya ratehang
Ho na le mekgwa e mengata ya ho thusa batjha. Mokgwa o lokileng ka ho phethahala ho netefatsa hore ba utlwisisa
Ake o shebe hore o ithutile ho le hokae ka ho bala bukana ena. Tlatsa mantswe ka ho fapana le ho bapisa dikarabo tsa hao le tseo tse tlase leqepheng.
Tataiso
HO TSHELA
Ka mora seno hang pelo ya ha e phakisa ...
Ka mora dino tse tharo ... ha hao ho hobe.
O seke wa ... seno se seng ha o sa batle ho nwa.
Mebileng e mengata ... e fumanwe hore bakganni ba ne ba nwele ho feta ka moo molao o dumelang ka teng.
Jwala bo thata bo ka lebisa ho ... ya molomo
K mora dino tse pedi o bua haholo le ho ba ...
TLASE
O seke wa nwa ha e ba o ...
Batho ba bangata ... ka baka la mafu a amanang le jwala.
Botlokotsebe bo bongata le ... di etsahala hobane batho ba nwa jwala ka mokgwa o sa lokang
Pele o ka ya tshwara seno sa hao se latelang, ... kgalase ya metsi.
Ho na le yuniti e le nngwe ya jwala ho ... , sisiki, boranti le dipiriti.
o se nwe ha e le hore o ...
